Neo le lempetje
Neo o ne a tla etela malome wa hae mme mmae a mo fa mose o nang le difaha ho o tena. Tseleng e yang motseng wa malomae, Neo o ile a kopana le ngwanana ya ileng a mo kopa ho apara mose wa hae. Ha ba fapanyetsana diaparo Neo a bona mohatla wa ngwanana mme a elellwa hore ke lempetje!